Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:18 - BIBELE

18 Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:18
27 Referencias Cruzadas  

o tla tsheha timelo le sekoboto, batana tsa fatshe lena o ke ke be wa di tshaba.


Majwe a ke ke a o sitisa ho lema masimo, batana tsa naha di tla phela ka kgotso le wena.


lona diphoofolo tsa naha le tsa hae tsohle, dihahabi le dinonyana tse fofang;


o nkatla makgulong a matala, o nkisa pela metsi moo ke tla phomola teng.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng.


Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.


Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;


Morena o tla ahlolela ditjhaba, a fedise ho se utlwane hara tjhaba tse ngata; sabole tsa tsona di tla di etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele, tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa.


Ka tsatsi leo, naheng ya Juda ho tla binwa sefela sena: Re na le motse o matla, ka marako le metero ya wona Modimo o a re pholosa.


Tjhaba sa ka se tla phela naheng e nang le kgotso, se dule malapeng a sireletsehileng, bakeng tsa phomolo tse hlokang matshwenyeho.


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena.


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


“Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang.


Matsatsing ao setjhaba sa Juda se tla pholoswa, Jerusalema le yona e phele ka kgotso. Lena ke lona lebitso leo Jerusalema e tlang ho bitswa ka lona: Morena ke toka ya rona.


Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung.


“Wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha wena Gogo, o leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.


Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


“ ‘Mohla tsatsi leo,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘motho ka mong o tla mema wa habo, ba dule tlasa sefate sa morara le tlasa sefate sa feiye.’ ”


Morena o re: “Ke tla amoha Efraime kariki tsa ntwa, ke amohe Jerusalema dipere tsa ntwa, seqha sa ntwa ebe sona ke a se roba. Kgosi eo e tla tlisetsa ditjhaba kgotso, e buse ho akaretsa mawatle wohle, e buse ho tloha Nokeng ya Euferatese, e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos