Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:19 - BIBELE

19 Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke tla o nyala, o be wa ka ka ho sa feleng, ke o nyale ho lokeng, le kahlolong, le mohaung, le lerekong,

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:19
27 Referencias Cruzadas  

Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona.


“Toka e tla pholosa Sione, ba bakang ba pholoswe ke ho loka.


Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela.


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


“Morena o o bitsitse sa mosadi ya lahlilweng, a o bitsa sa mosadi ya hlomohileng, ya nyetsweng a sa le monyenyane a ba a lahlwa,” ho rialo Modimo wa hao.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


“ ‘Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo.


Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”


Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.


Naha ya Juda e tla ba le baahi kamehla yohle, Jerusalema e be le baahi ba meloko yohle.


“Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.


Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo.


Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.


Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos