Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.
Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.
Le se ke la kopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bolela mabitso a medimo ya tsona, le se ke la ana ka yona, le se ke la e sebeletsa, le se ke la inama pela yona.
Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.