Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, o tla mpitsa monna wa hao, ha o sa tla mpitsa Baale wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “wena o tla mpitsa: ‘Monna wa ka’, ha o sa tla hlola o mpitsa: ‘Baale’, e leng ho bolela: ‘Monga ka’.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:16
12 Referencias Cruzadas  

Pelo ya hae ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo, a rata morwetsana, mme a buisa pelo ya morwetsana.


Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.


ke le tlise lefeelleng la ditjhaba, ke tle ke isane nyeweng le lona teng;


O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.


A re thabeng, re nyakalle, mme re ise kganya ho wona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, mme mosadi wa yona o itokisitse;


Jwale, monna wa hae a tloha, a mo latela ho ya bua le pelo ya hae, a tle a mo kgutlise; a ya le mohlanka wa hae le diesele tse pedi. Mosadi eo a mo amohela tlung ya ntatae, mme ntata morwetsana ha a mmona, a thaba ha a teana le yena.


Ruthe a re: A nke ke bone mohau pela hao, mong a ka, etswe o ntshedisitse, o buile le pelo ya lekgabunyane la hao, leha ke se jwaloka le leng la makgabunyane a hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos