Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:16 - BIBELE

16 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “wena o tla mpitsa: ‘Monna wa ka’, ha o sa tla hlola o mpitsa: ‘Baale’, e leng ho bolela: ‘Monga ka’.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, o tla mpitsa monna wa hao, ha o sa tla mpitsa Baale wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:16
12 Referencias Cruzadas  

Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.


Ke tla le tlisa Lehwatateng la Ditjhaba, mme hona teng ke le ahlole fahleho di tadimane.


O tla manakisa medingwana hae, a e manakise, a se ke a e tshwara; o tla e batlisisa, a se ke a e fumana. Ke moo he a tla re: ‘Ke tla kgutlela monneng wa ka wa pele, ho yena ke ne ke iketla ho feta kajeno.’


Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.


Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.


A re thabeng, re nyakalleng, mme re mo tlotlise, hobane ke letsatsi la mokete wa lenyalo la Konyana. Monyaduwa wa hae o itokisitse,


Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo.


Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos