Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Oho, Morena, o lokile, empa rona re hlajwa ke dihlong kajeno, rona banna ba Juda, le baahi ba Jerusalema le Baiseraele bohle ba haufi le ba hole, ba dinaheng tsohle tseo o ba qhalanyeditseng ho tsona ka baka la ho o hlokela botshepehi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:7
34 Referencias Cruzadas  

Haele moo re se re kile ra hlahelwa ke tse ngata ka baka la ketso tsa rona tse mpe, le ka baka la melato e meholo ya rona, kanthe wena, Modimo wa rona, o kile wa re hauhela, o sa ka wa re otla ka kotlo e lekanang le makgopo a rona, o bile o re boloketse masala a makalo,


Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!


Haele wena, o entse ka ho loka tabeng tsohle tse re hlahetseng, etswe o nnile wa etsa ka nnete; empa rona re nnile ra etsa hampe.


TSADE. O lokile, Jehova; dikahlolo tsa hao le tsona di lokile;


Dihlong tsa ka di pela mahlo a ka kamehla, maswabi a apesitse sefahleho sa ka,


Oho Modimo, Modimo wa poloko ya ka, o ntopolle molatong wa madi a tsholohileng; mme leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Kaofela ha bona ba tla swaba, ba hlajwe ke dihlong; baetsi ba ditshwantsho ba tla ya hammoho, ba hlabiswe dihlong.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


ka baka la bobe kaofela boo bana ba Iseraele le bana ba Juda ba kileng ba bo etsa, ba tle ba mphephetse, e le bona, le marena a bona, le baholo ba bona, le baprista ba bona le baporofeta ba bona, le batho ba Juda, le baahi ba Jerusalema.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ba mo teela hare jwalokaha ho etswa ke balebedi ba tshimo, kahobane a nkwenehetse, ho bolela Jehova.


Na ba fela ba phephetsa nna, ho bolela Jehova? Ha ke re, ba ipephetsa e le bona, ba tle ba hlabiswe dihlong difahlehong tsa bona?


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Mohlang oo, le tla elellwa mekgwa yohle e mebe ya lona le diketso tsa lona tse se nang botle, le ikgobohellwe ka baka la makgopo a lona le la manyala a lona.


Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle.


Ya leng hole o tla shwa ke lefu la sewa, ya leng haufi a we ka lerumo; ya tla sala a ntse a bolokehile, o tla shwa ke tlala, mme ke tla phetha kgalefo ya ka ho bona.


Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.


Sekeha tsebe, Modimo wa ka, o mamele! Tutuboloha, o tadime dithako tsa rona, le motse o bitswang ka lebitso la hao, hobane leha re bea dikopo tsa rona pela hao, ha re itshepise ka ho loka ha rona, empa e le ka mehauhelo ya hao e meholoholo.


Morena, maswabi a difahleho ke a rona, le a marena a rona, le a mahosana a rona, le a bontata rona, hobane re o sitetswe.


Hobane bonang, ke a laela, mme ke tla hlokola ntlo ya Iseraele hara ditjhaba tsohle, jwalokaha ho hlokolwa koro ka sefe, ho se hlaku le e nngwe e welang fatshe.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos