Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka.
Hosea 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore. BIBELE “Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore. |
Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka.
Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.
Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.
Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.
Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.
Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.
Le sehlopha sa baprista se jwaloka sehlopha sa balalli; tseleng e yang Sikeme ba bolaya batho; e, ba etsa ka bolotsana.
Efraime o laletse Modimo wa ka. Moporofeta, sefi sa setsomi se ditseleng tsa hae tsohle; bora bo tlung ya Modimo wa hae.
Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?
Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta;
Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.
Ke itse: Utlwang he, lona dihlooho tsa Jakobo, lona marena a ntlo ya Iseraele; na hase lona le tshwanetseng ho tseba se lokileng,
Utlwang he taba ena, lona dihlooho tsa ntlo ya Jakobo, le lona marena a ntlo ya Iseraele, lona le ilang ho loka, le kgopamisang tsohle tse lokileng,
Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.
Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?
Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.
Ka selemo se seng le se seng, o ne a ya le metse ho isa Bethele, le Gilgale, le Mitspe, a ahlolela Baiseraele metseng eo kaofela.
Yaba Samuele, o re: Phuthelang Baiseraele bohle Mitspe, ke tle ke le rapelle ho Jehova teng.
Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.