Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ke tla ba futuhela se bere e le tshehadi, sa bere e bolaetsweng madinyane a yona, ke tsekolle maaparapelo a bona, ke ba harole jwaloka tauhadi, jwaloka hoja ba harotswe ke sebatana.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 13:8
11 Referencias Cruzadas  

Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


O sohlokanngwa ke dikolobe tsa meru, diphoofolo tsa naha di tlile ho hakolela teng!


Ho molemo ho kgahlana le tau e nketsweng bana, ho fetisa ho kgahlana le lehlanya bohlanyeng ba lona.


Ho puruma ha bona ho ka ha tau e tshehadi, ba puruma jwaloka ditau tse ntjha, ba kurutla, ba tshwara kgapo, ba ya le yona; ha ho motho ya tla e hlwibila ho bona.


Lona, dibatana tsohle tsa naha, tloong, le je; le lona dibatana tsohle tsa meru!


Ho nna lefa la ka ke lenong, ke phiri; manong a le teetse hare. Tloong, le bolelle dibatana kaofela tsa naha, di tle dijong.


O tla tloha jwaloka tau e morung, hore lefatshe la bona le tle le fetolwe lesupi ke bohale ba lerumo le bolayang, le ke bohale ba kgalefo ya hae.


Ke tla senya difate tsa hae tsa merara le tsa difeiye tseo a itseng: Ke moputso oo ke o neilweng ke dinyatsi tsa ka! Ke tla di fetola moru, di jewe ke phoofolo tsa naha.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos