A hlabela medimo ya Damaseka e mo qhadileng, a re: Erekaha medimo ya marena a Siria e a thusitse, ke tla e hlabela, hore le nna e tle e nthuse. Athe e a mo dihela fatshe, yena le Iseraele kaofela.
Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.
O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.
Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.
O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.