Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 13:8 - BIBELE

8 Ke tla ba futuhela se bere e le tshehadi, sa bere e bolaetsweng madinyane a yona, ke tsekolle maaparapelo a bona, ke ba harole jwaloka tauhadi, jwaloka hoja ba harotswe ke sebatana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 13:8
11 Referencias Cruzadas  

Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.


“Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.


Keng ha o dihile metero ya wona, hore o tle o ikgellwe ke mofetakatsela,


Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona.


Ho puruma ha bona ho ka ha tau, ba puruma jwaloka ditawana, ba a rora ha ba tshwara phofu ya bona, ba e hlasinye ho se ya ka e pholosang ho bona.


“Lona batana tsohle tsa naha tloong, le harole, lona dibatana tsohle tsa meru.


Lefa la ka le tshwana le nonyana, nonyana e kgwarahlana, e ubellwang ke nonyana tse ding kamahohle. Tsamayang le yo phutha batana tsohle tsa naha, le di phuthe di tle moketeng.


Morena o jwaloka tau e tswile selaong, kahoo naha ya bona e fetohile nanaola, ka baka la bohale ba sabole, sabole ya motlatlapi, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.


Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona.


Ho ba ntlo ya Efraime ke tla tshwana le tau, ho ba ntlo ya Juda eke ke tawana. Nna ka sebele ke tla harola, ke ikele, ke ba hlasinye, ba hloke monamoledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos