Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho bona ke se ke le jwaloka tau, jwaloka lengau ha le lalla tseleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jwale ke tla ba futuhela, ke ba futuhele sa lekakuba, tseleng teng ke ba lalle sa lengau.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 13:7
10 Referencias Cruzadas  

Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


O tla tloha jwaloka tau e morung, hore lefatshe la bona le tle le fetolwe lesupi ke bohale ba lerumo le bolayang, le ke bohale ba kgalefo ya hae.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Ho nna ke bere e ntaletseng, ke tau e letsabeng.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na?


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos