Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Sefefo se ya ba nka mapheong a sona; ba tla hlajwa ke dihlong ka baka la mahlabelo a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Setsokotsane se tla ba sobokella, se ba sobokelle, se ba fefole, mahlabelo a bona a ba hlabise dihlong.”

Ver Capítulo Copiar




Hosea 4:19
13 Referencias Cruzadas  

Hobane le tla hlajwa ke dihlong ka baka la difate tsa dieike tseo le di thabelang, le tla nne le swabe ka baka la dirapa tsa difate tseo le kgahliswang ke tsona.


Haele ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng, ba reng ho ditshwantsho tse tsholotsweng: Le medimo ya rona, ba tla sutha ka santhao, ba swabe haholo.


Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.


Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.


Ke tla ba kgalemela ka boithatelo ba ka, ditjhaba di bokellwe hodima bona ho ba tlamella makgopong a bona a mabedi.


Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng.


Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.


Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos