Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Utlwang he taba ena, lona dihlooho tsa ntlo ya Jakobo, le lona marena a ntlo ya Iseraele, lona le ilang ho loka, le kgopamisang tsohle tse lokileng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Lona baetapele ba ntlo ya Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Tsohle tse lokileng le a di nyedisa, tsohle tse nepahetseng le di sokamise.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 3:9
16 Referencias Cruzadas  

Ka kgalemela baholo ba Juda, ka re ho bona: Bobe bona boo le bo etsang bo reng, ha le hlompholla letsatsi la Sabatha?


Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;


Ya hlatswang motho ya melato, le ya tswang motho ya se nang molato, ba babedi ba manyala ho Jehova.


E mobe o amohela mpho e patilweng dikobong, ho sokamisa tsela ya ho loka.


Ha ho hotle ho emela tshobotsi ya moetsadibe, leha e le ho tswa ya lokileng nyeweng ya hae.


Ho senya ha baetsadibe ho tla ba kuka, hobane ba hana ho etsa ho lokileng.


Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.


Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.


Ba tla ruta setjhaba sa ka ho kgethahanya se halalelang le se sa halalelang, ba se lemose ho kgetha se sa hlwekang ho se hlwekileng.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


ha le nyedisa melao ya ka, mme le tenwa ke dikahlolo tsa ka; ha le sa ye ka melao ya ka, mme le roba selekane sa ka,


Bao ba fetola kahlolo lengana, ba dihela ho loka fatshe;


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Mikea wa Moreshethe, mehleng ya Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, e leng tseo a di boneng hodima Samaria le Jerusalema:


Ke itse: Utlwang he, lona dihlooho tsa Jakobo, lona marena a ntlo ya Iseraele; na hase lona le tshwanetseng ho tseba se lokileng,


Ho rohakwe ya kgopamisang tokelo ya moditjhaba, le ya kgutsana, kapa ya mosadi wa mohlolohadi! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos