Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa ha e le nna, ke tletse matla, ke tletse moya wa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokwenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Empa nna ruri ke na le matla, Moya wa Morena o ka hare ho nna; o nthutile toka, wa mpha le sebete ho bolella Jakobo ditlolo tsa hae, le ho bolella Iseraele sebe sa hae.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 3:8
28 Referencias Cruzadas  

hobane ke kgotse ditaba, mme moya o teng ho nna o ntshututsang.


Howeletsa, o tlerole! Phahamisa lentswe le phepa jwaloka phala, o bolelle setjhaba sa ka makgopo a sona, o tsebise ntlo ya Jakobo dibe tsa yona.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


ho bolela ngwaha wa mehauhelo ya Jehova, le letsatsi la diphetetso tsa Modimo wa rona; ho tshedisa ba llang kaofela,


Bona, kajeno, nna ke o etsa motse wa qhobosheane, le tshiya ya tshepe, le marako a koporo pela lefatshe lohle, le pela marena a Juda, le pela baholo ba teng, le pela baprista ba teng, le pela setjhaba sa lefatshe.


Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.


Ke tletse kgalefo ya Jehova, ke kgathetse ke ho e thibela; ke ya e tshollela baneng ba diterateng, le phuthehong ya bahlankana; le hona monna o tla tshwarwa hammoho le mosadi, leqheku le ya qetileng ditshiu tsa hae.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Mora motho, bolella Jerusalema manyala a hae!


Mora motho, na o tla ba ahlola, na o tla ba ahlola na? Ba tsebise manyala a bontata bona.


Wena mora motho, ana o tla ahlola, ana o tla ahlola motse wa madi? O tsebise manyala wohle a wona,


Yaba Jehova o re ho nna: Mora motho, hleka o tla ahlola Ohola le Oholiba? Ha ho le jwalo, ba bolelle manyala a bona.


Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.


Mora motho, tshwantshetsa ntlo ya Iseraele ntlo eo, hore ba tle ba hlajwe ke dihlong ka baka la makgopo a bona, mme ba lekanye phetheho ya yona.


hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi ba bona.


le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma;


Mme polelo tsa ka le thuto ya ka ha e a ka ya eba dipolelo tse kgodisang tsa bohlale ba motho, ya mpa ya eba ponahatso ya Moya le ya matla;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos