Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Bo-radipono dihlong di tla ba hlaba, dinohe le tsona di tlontlolohe; kaofela ha bona ba tla ikgurumetsa difahleho, hobane Modimo a sa ba arabele.”

Ver Capítulo Copiar




Mikea 3:7
19 Referencias Cruzadas  

Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.


Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.


Le tla etsa jwalokaha ke entse; le ke ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja bohobe ba bofifi.


Jwale, motho ya jewang ke lepera, e ka kgona diaparo tsa hae di haholwe, hlooho ya hae e beolwe, a itshirele ditedu, a howe: Sesila! sesila!


Bonang, matsatsi a tla, ho itsalo Morena Jehova, ao ke tla romela ho lapa lefatsheng, e seng ho lapela bohobe leha e le ho nyorelwa metsi; empa e leng ho lapela mantswe a Jehova.


Mohlang oo, ba tla howeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utlwa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ya bona.


Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong bakeng sa matla wohle a tsona; di tla ipea letsoho hodima molomo, di thibane ditsebe.


Ka tsatsi leo, baporofeta ba tla hlajwa ke dihlong, e mong le e mong ka pono ya hae, ha a ntse a porofeta; ha ba sa tla apara kobo ya boya, ho bolela leshano.


Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.


Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.


Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos