Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Le sehlopha sa baprista se jwaloka sehlopha sa balalli; tseleng e yang Sikeme ba bolaya batho; e, ba etsa ka bolotsana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Jwalokaha dinokwane di ye di lalle motho, hlopha sa baprista le sona se a lalla, se bolaele batho tseleng e yang Shekeme, mahlabisadihlong ana se a etse ka morero.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 6:9
23 Referencias Cruzadas  

Abrame a haola naha ho ya fihla motseng wa Sikeme, difateng tsa eike tsa More; mme Bakanana ba ne ba le naheng eo mohlang oo.


Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.


Ra tloha nokeng ya Ahava ka la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya pele, re lebile Jerusalema. Letsoho la Modimo wa rona la nna la eba ho rona, mme wa re namolela matsohong a dira le ho ba re laletseng tseleng.


Jehova a ba a re ho nna: Ho entswe morero ke batho ba Juda le ke baahi ba Jerusalema:


Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.


Ke tla o lahlisa bohlola ba hao le bootswa ba hao bo nnileng ba eba teng haesale o le Egepeta; ha o sa tla ba lelaletsa mahlo, ha o sa tla elellwa Egepeta.


Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae mahlong a dinyatsi tsa hae, mme ha ho motho ya tla mo namolela letsohong la ka.


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


Ba tswela pele ho tloleng ha bona, empa nna ke tla ba kgalemela bohle.


Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.


Utlwang he taba ena, lona dihlooho tsa ntlo ya Jakobo, le lona marena a ntlo ya Iseraele, lona le ilang ho loka, le kgopamisang tsohle tse lokileng,


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?


Bao, ha ba utlwa tseo, ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo ka pelo e le nngwe, ba re: Oho, Morena, ke wena Modimo o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le tsohle tse ho wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos