Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’

Ver Capítulo Copiar




Malakia 1:6
52 Referencias Cruzadas  

Bonang, jwaloka mahlo a bahlanka ha a tadima matsoho a benghadi ba bona, le mahlo a lekgabunyane ha a tadima letsoho la mofumahadi wa lona, mahlo a rona a tadima Jehova, Modimo wa rona, jwalo, ho fihlela a ba a re utlwela bohloko!


Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


Ditloholo ke moqhaka wa maqheku, mme kganya ya bana ke batswadi ba bona.


O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.


Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.


Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.


Ha o a ka wa ntlhabela ditjheso tsa dinku tsa hao, ha o a ka wa ntlotlisa ka mahlabelo a hao; ha ke a ka ka o etsetsa boima, ka ho re: O nnyehelle; leha e le ho o kgathatsa, ka ho kopa dibano.


Ho madimabe ya reng ho ntatae: Na o tswetse eng? le ho mmae: Na o belehile eng?


Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona.


Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.


Hobane haele baporofeta le baprista ke banyefodi, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ya ka, ho bolela Jehova.


Ha ke re, le jwale o sa bitsa ho nna, o re: Ntate, o motswalle wa botjha ba ka?


Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.


Athe bara ba Jonadabe, mora Rekabe, ba nnile ba boloka taelo ya ntata bona moholo, eo a ba laetseng yona; empa setjhaba sena ha se a ka sa nkutlwa.


Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.


Mme o itse: Tjhe, ke ruile, ke ipatletse lefumo; ho tsohle tseo ke di ruileng ho ke ke ha fihlelwa ntho eo ke e ruileng ka bokgopo, eo ho ka thweng, ke molato.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


baprista ba wona ba tlotlolla nqalo e halalelang, ba kgopamisa molao.


Mme jwale, taelo ena e tla ho lona, baprista!


Ha ke re, rona kaofela re tswetswe ke motho a le mong? Na ha re a bopjwa ke Modimo o le mong na? Re etsetsana keng he ka bolotsana e mong le e mong le ngwanabo, re hlompholla keng selekane sa bontata rona?


Empa lona, le kgelohile tsela, le kgopisitse ba bangata ka molao; le sentse selekane sa Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao. Hape ho itswe: Ya rohakang ntatae, leha e le mmae, a bolawe.


Le fetotse molao wa Modimo lefeela ka mokgwa oo le o neanang.


o hlonephe ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.


Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;


Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


O tseba melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa ja tsa e mong, hlonepha ntatao le mmao.


Hobane Moshe o itse: Hlonepha ntatao le mmao, mme ya buang hampe le ntatae, leha e le mmae, a bolawe.


Empa yena, kahobane a rata ho ipea ya lokileng, a re ho Jesu: Mme wa heso ke mang na?


O tseba melao e reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa bea bopaki ba bohata; hlonepha ntatao le mmao.


Mme jwale, ebang lereko, jwalokaha Ntata lona le yena a le lereko.


Na le mpiletsang Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke di bolelang?


Hlonepha ntatao le mmao — ke oo molao wa pele o nang le pallo —


le lefeelleng leo o le boneng, e leng moo Jehova, Modimo wa hao, a o pepileng, jwaloka monna ha a pepile mora wa hae, tseleng yohle eo le tsamaileng ka yona ho tlisa ho fihleng ha lona bakeng sena.


Setjhaba se se nang kelello, se hlokang bohlale, na ke hona hoo le putsang Jehova ka hona na? Na hase yena ntatao, ya o ruileng, ya o entseng, ya o tiisitseng na?


Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos