Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Le hlahisa sejo se sebe aletareng ya ka, mme le re: Re o hlompholotse kang? Ke ha le re: Tafole ya Jehova e a nyatseha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Aletareng ya ka le nyehela ka dijo tse silafetseng. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re o hlompholotse jwang?’ “Ke ha le re tafole ya Morena e a eiseha.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 1:7
14 Referencias Cruzadas  

e nang le bophahamo bo tswe tse tharo, le bolelele bo tswe tse pedi; e ne e na le dintlha tsa yona; boleleleng ba yona le mahlakoreng e ne e le ya sefate. Yaba o re ho nna: Ena ke tafole e pela Jehova.


Bona ba tla kena sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa, ba boloke tseo ke di beileng.


Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.


Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.


O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.


Moprista o tla di tjhesa aletareng: ke sejo sa sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Empa lona, le a le hlompholla, ha le ntse le re: Tafole ya Jehova e ditshila, le se tswang ho yona ke sejo se nyatsehang.


Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.


Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.


Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.


Empa ekare ha phoofolo eo e na le sekodi, kapa e le sehlotsa, kapa sefofu, mohlomong e na le bohole bo bong, o se ke wa e hlabela Jehova, Modimo wa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos