Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 1:6 - BIBELE

6 “Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?

Ver Capítulo Copiar




Malakia 1:6
52 Referencias Cruzadas  

a jwaloka mahlo a bahlanka, a tadimileng letsoho la monga bona. Jwalokaha mahlo a lekgabunyane a tadimile letsoho la mofumahadi wa lona, le mahlo a rona a tadima Morena Modimo wa rona jwalo, ho fihlela a ka re hauhela.


“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona.


“Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.


“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.


Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.


Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso.


Ho madimabe ya reng ho ntatae: ‘O tswetseng?’ Kapa ya reng ho mmae: ‘O belehileng?’


Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona.


Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao.


“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.


Ha ke re o qeta ho ipiletsa, o ipiletsa ho nna, o re: ‘Ntate, motswalle wa ka ho tloha botjheng ba ka,


Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo.


Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela.’


Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla.


Efraime yena o a ithorisa, o re: “Ke ruile haholo, ke bokeletse matlotlo, ha ho na sebe, ha ho na bokgopo, ha ho na seo ba ka nqosang ka sona.”


Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.


“Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore.


“ ‘E mong le e mong wa lona a hlomphe ntatae le mmae, le boloke disabatha tsa ka. Ke nna Morena Modimo wa lona.


Baporofeta ba wona ke baikakasi, ke banna ba tletseng bolotsana; baprista ba wona ba silafaditse Sehalalelo, molao le wona ba ba ba o tlola.


“Jwale lona baprista ke a le laya.


Na rona bohle ntata rona ha a mong? Na ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Ke ba baka lang ha re silafatsa selekane sa baholoholo ba rona ka ho hlokelana botshepehi?


Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho.


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


Modimo o itse: ‘Hlompha ntatao le mmao,’ mme hape a re: ‘Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.’


ha ho sa hlokahala hore a hlomphe ntatae. Ka baka la moetlo wa lona he, le fetotse taelo ya Modimo lefeela.


hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.”


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


O tseba melao e reng: ‘O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa etseletsa motho e mong, o se ke wa qhekanyetsa, hlompha ntatao le mmao.’ ”


Moshe o itse: ‘Hlompha ntatao le mmao,’ a ba a re: ‘Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.’


Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”


O tseba ditaelo tse reng: ‘O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao.’ ”


Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.”


“Le mpitsetsang ‘Morena, Morena,’ athe ha le etse tseo ke di bolelang?


“Hlompha ntatao le mmao.” Ona ke molao wa pele o nang le tshepiso e reng:


Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.’


Le buseletsa Morena ka mokgwa o tjee, lona tjhaba sa dithoto, tjhaba sa ditseketseke? Na hase yena Ntata lona le Mmopi wa lona? O le bopile, a le etsa setjhaba.


“ ‘Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos