Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:18
30 Referencias Cruzadas  

Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.


Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.


Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.


Ha a ka a ikokobetsa pela Jehova, jwalokaha ho ne ho ikokobeditse Manasse ntatae; haele yena Amone, a nna a atisa melato ya hae.


Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;


Hobane nala hase ya kamehla, le borena ha bo hlolehe kamehla le mehla.


le mefapahlooho, le merutlwana, le dinyepa, le dikooma tsa ditlolo, le dithatho,


Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


Ke a phela, ho bolela Jehova, hojane Jekonia, mora Jojakime, a le jwaloka lesale la tiiso letsohong la ka le letona, ke ne ke tla mo pshemola teng.


Ke tla o lahlela, wena le mmao ya o tswetseng, lefatsheng lesele moo le sa kang la tswallwa teng, mme le tla shwela teng.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Eitse hobane ba utlwe mantswe ao kaofela, ba tshoha e mong le e mong, ba re ho Baruke: Re tla tsebisa morena mantswe ao kaofela.


Bokgabane kaofela ba moradi wa Sione bo fedile ho yena, baholo ba hae ba jwaloka ditholo tse sa boneng makgulo, tse balehang di feletswe ke matla pela ba di lelekisang.


Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa.


Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.


Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.


ka kenya lesale nkong ya hao le masale ditsebeng, ka o rwesa le moqhaka o motle hloohong.


Morena Jehova o re: Rola moqhaka, o tlose mokgabo wa hao; se leng teng ha se sa tla ba teng; ho phahamiswa se kokobetseng, ho kokobetswa se phahameng.


O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.


Le tla dula, le rwetse meqhaka ya lona dihloohong, le rwetse dieta tsa lona maotong, le ke ke la lla, leha e le ho bokolla, le mpa le tla hopola makgopo a lona, le bobole maloka le banababo lona.


Ba tla rwala dikatiba tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene marikgwana a lene mathekeng a bona; ba se ke ba tena se ka ba fufuletsang.


Empa mohla pelo ya hae e kokomohang, mme moya wa hae o ikgohomosang ho isa nyefolong, a tloswa teroneng ya hae ya borena, a amohuwa kganya ya hae;


Le yena morena wa Ninive, ha taba tseo di fihla ho yena, a tloha teroneng ya hae, a hlobola kobo ya hae, a apara lesela le mahwashe, a dula moloreng.


Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo;


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos