La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.

Ver Capítulo

BIBELE

Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.

Ver Capítulo



Eksoda 13:3
58 Referencias Cruzadas  

Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


hobane baditjhaba ba tla fela ba utlwe lebitso la hao le leholo, le letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng — ha a ka tla, a rapela tlung ena;


Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.


wa etsa dipontsho le mehlolo hodima Faro le hodima bahlanka ba hae bohle le hodima setjhaba sohle sa lefatshe la hae; hobane o ne o tseba kamoo ba ba entseng ka boikgohomoso kateng; yaba o iketsetsa botumo kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno.


Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Enereha Iseraele a etswa Egepeta, le ntlo ya Jakobo ha e tloha setjhabeng sa puo esele,


Mme a ntsha Iseraele teng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Ka seatla se matla le ka letsoho le otlolohileng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hao, mohau le nnete di tsamaya pela sefahleho sa hao.


Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Le tla nne le kgethe mokete wa bohobe bo se nang ditomoso, hobane e tla be e le ka letsatsi leo ke ntshitseng makgotla a lona naheng ya Egepeta; le tla boloka letsatsi leo melokong ya lona, ke taelo e sa feleng.


Ka matsatsi a supileng, ditomoso di se ke tsa fumanwa matlung a lona, hobane ya ka jang se lomositsweng, motho eo o tla tloswa phuthehong ya Iseraele, kapa e leng moditjhaba, kapa e leng ya tswaletsweng naheng ya lona.


Kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho lona, e be yona eo le qalang dikgwedi tsa ngwaha ka yona.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Bosiu boo ke bosiu bo kgethelwang Jehova, ka hoba a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta ka bona; ke bona bosiu bo kgethelwang Jehova, bo tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele kaofela melokong ya bona.


Ba ja nama ya yona ka bosiu boo e besitswe ka mollo, ba e jellele le bohobe bo se nang ditomoso, le meroho e babang.


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Hopola letsatsi la phomolo ho le kgetha.


O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.


Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.


O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Faro ha a ka ke a le utlwa, mme ke tla bea letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntshe makgotla a ka, e leng setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, lefatsheng la Egepeta ka dikahlolo tse kgolo.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Nna ke ne ke entse selekane le bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, ka re:


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.


Enore ha le kena tlung, le e dumedise.


A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.


mme hobane a lebohe, a bo ngwatha, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka o robelwang lona; le etse hoo, le tle le nkgopole ka hona.


A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete.


le tsebe le boholo bo sa lekanngweng ba matla a wona ho rona ba dumetseng, ka tshebetso ya matla a wona a sa sitweng ke letho;


O mo tlapunye ka majwe, a shwe; kahobane a ratile ho o tlosa ho Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka.


Baiseraele bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ho ke ke ha hlola ho etswa bobe bo bokalo ha eno.


Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.


Elellwa kgwedi ya Abibe, mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, Paseka ka yona; hobane ke ka kgwedi ya Abibe, Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng naheng ya Egepeta bosiu.


O tla hopola hobane o bile mofo Egepeta, o boloke melao eo, mme o etse ka yona.


O se ke wa jellela Paseka le bohobe bo lomositsweng; ka matsatsi a supileng, o je mahobe a sa lomoswang, mahobe a mahlomola; kahobane o tswile naheng ya Egepeta ka potlako; o tle o hopole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao letsatsi leo o tswileng naheng ya Egepeta ka lona.


O mpe o hopole hobane o bile mofo Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o lopolotse teng; ke ka baka leo ke o laelang ho etsa jwalo.


O nne o hopole hobane o bile mofo naheng ya Egepeta; ke ka baka leo ke o laelang ho etsa ditaba tsena.


Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, ka letsoso le leholo, ka dipontsho le ka mehlolo.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


o iponele hore o se lebale Jehova ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


O tle o bolelle mora wa hao, o re: Re ne re le bafo ba Faro Egepeta, mme Jehova o re ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla;


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


pelo ya hao ya ikgohomosa, mme wa lebala Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka;


mme Jehova a re ho nna: Ema, o phakise ho theoha; hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng Egepeta, se itshentse; ba phakisitse ho fapoha tsela eo ke neng ke ba laetse ho tsamaya ka yona; ba iketseditse setshwantsho se tsholotsweng.


etswe e le Jehova, Modimo wa rona, ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, rona le bontata rona, a etsa mehlolo eo e meholo pela mahlo a rona, a re boloka tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.


Ba furalla Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta, mme ba latela medimo esele, e leng medimo ya ditjhaba tse ba teetseng hare, ba e kgumamela, mme ba halefisa Jehova.


Jehova a romela bana ba Iseraele monna wa moporofeta, a tla, a re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke le nyolotse Egepeta, ka le ntsha tlung ya bohlanka;