Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ka matsatsi a supileng, ditomoso di se ke tsa fumanwa matlung a lona, hobane ya ka jang se lomositsweng, motho eo o tla tloswa phuthehong ya Iseraele, kapa e leng moditjhaba, kapa e leng ya tswaletsweng naheng ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ka matsatsi a supileng ho se be ditomoso tse tla fumanwa matlung a lona, hobane motho ya tla ja se lomositsweng o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele; e ka ba mojaki, kapa letswallwa la naha ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:19
13 Referencias Cruzadas  

Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Le se ke la ja letho le lomositsweng; matlung a lona kaofela le tla ja tse sa lomoswang.


Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.


Ekare ha motho wa moditjhaba a aheletse ho wena, mme a rata ho etsetsa Jehova Paseka, e ka kgona a bolotse ba batona kaofela ba ho yena, e be hona a atamelang ho e etsa; a tshwane le ya tswaletsweng hae, hobane ya sa bollang a ke ke a e ja.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Bohobe bo sa lomoswang bo jewe ka matsatsi a supileng, mme bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa ha hao, le ditomoso di se ke tsa bonwa ha hao naheng yohle ya hao.


O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.


Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.


O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.


Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya, e tla ba Paseka ya Jehova.


Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.


O se ke wa jellela Paseka le bohobe bo lomositsweng; ka matsatsi a supileng, o je mahobe a sa lomoswang, mahobe a mahlomola; kahobane o tswile naheng ya Egepeta ka potlako; o tle o hopole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao letsatsi leo o tswileng naheng ya Egepeta ka lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos