Eksoda 12:19 - BIBELE19 Ka matsatsi a supileng ho se be ditomoso tse tla fumanwa matlung a lona, hobane motho ya tla ja se lomositsweng o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele; e ka ba mojaki, kapa letswallwa la naha ya lona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)19 Ka matsatsi a supileng, ditomoso di se ke tsa fumanwa matlung a lona, hobane ya ka jang se lomositsweng, motho eo o tla tloswa phuthehong ya Iseraele, kapa e leng moditjhaba, kapa e leng ya tswaletsweng naheng ya lona. Ver Capítulo |
Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta.