Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:14
29 Referencias Cruzadas  

Ke moo ho loka ha ka ho tla nkemela mehleng e tlang, mohla o tlang ho bona moputso wa ka; e nngwe le e nngwe e seng tshasana, kapa thoboshana hara dipodi, le e seng kgunwana hara dinku tsa ka, etlaba ke ya boshudu ho nna.


Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.


Mme a ntsha Iseraele teng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!


re tla phetela ditloholo tsa rona dithoko tsa Jehova, le matla a hae, le mehlolo e entsweng ke yena.


le hore o tle o phetele mora hao le setloholo sa hao taba tseo ke di entseng ho Baegepeta, le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng hara bona, mme le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


O tla tsebisa mora hao ka tsatsi leo, o re: Hona ke kgopotso ya seo Jehova a nketseditseng sona, mohla ke tswang Egepeta.


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Nna ke ne ke entse selekane le bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, ka re:


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.


Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng.


O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


o iponele hore o se lebale Jehova ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Athe re entse hoo ka ho tshaba, ra re: Mehleng e tlang, bana ba lona ba tla bolella bana ba rona, ba re: Na le na le taba efe le Jehova, Modimo wa Iseraele, na?


etswe e le Jehova, Modimo wa rona, ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, rona le bontata rona, a etsa mehlolo eo e meholo pela mahlo a rona, a re boloka tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.


e tle e be pontsho ho lona, hore, ha bana ba lona ba ka le botsa mehleng e tlang, ba re: Majwe aa a reng ho lona?


Ba furalla Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta, mme ba latela medimo esele, e leng medimo ya ditjhaba tse ba teetseng hare, ba e kgumamela, mme ba halefisa Jehova.


Jehova a romela bana ba Iseraele monna wa moporofeta, a tla, a re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke le nyolotse Egepeta, ka le ntsha tlung ya bohlanka;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos