Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Moloko wa bone o tla kgutlela mona, hobane bokgopo ba Baamore ha bo eso phethehe.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:16
18 Referencias Cruzadas  

le Bajebuse, le Baamore, le Bagirgashe,


Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.


Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.


A etsa manyala a maholo ka ho latela medimo, ka mekgwa yohle e entsweng ke Baamore, bao Jehova a neng a ba lelekile pela bana ba Iseraele.


Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,


A etsa hore setjhaba sa hae se tlohe ka thabo, le bakgethwa ba hae ka nyakallo.


Kahello ya bana ba Iseraele Egepeta e bile dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Le tswile ka tsatsi lena, ka kgwedi ya Abibe.


Qetellong ya puso ya wona, ha baetsadibe ba se ba tlatsitse tekanyo, ho tla hlaha morena ya sefahleho se thata, ya bohlale ho loha mano;


Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.


Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a ba lelekile pela hao, o se ke wa bua pelong ya hao, wa re: Ke ka baka la ho loka ha ka Jehova a nkentseng naheng ena hore ke e rue; athe ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova a tlang ho di falatsa pela hao.


Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.


Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos