Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 15:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Eitse ha letsatsi le se le diketse, ho se ho phirimile, bonang, ha eba sebopi se kubellang, mme lelakabe la mollo la tsamaya pakeng tsa mekgekgetho eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ha letsatsi le se le diketse, mme ho se ho fifetse haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi, le kganare ya mollo; tsena tsa feta pakeng tsa mekgekgetho eo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:17
13 Referencias Cruzadas  

Yaba o mo nkela tsona kaofela, a di kgekgetha kalehare, a bea mokgekgetho o mong malebana le o mong; empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha.


Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.


Yaba mollo wa Jehova wa theohela, o nyameletsa sehlabelo, le patsi, le majwe, le lerole, wa monya le metsi a ka moeding.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, mme a hlahisa mahlabelo a ditjheso le a teboho teng; a rapela Jehova, mme a mo arabela ka ho theolela mollo aletareng ya ditjheso, o etswa lehodimong.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.


Ka baka la Sione nke ke ka kgutsa, le ka baka la Jerusalema nke ke ka ipha sebaka, ha ho eso ho hlahe ho loka ha hae jwalokaha ho hlaha mafube a meso, le poloko ya hae e hlahe jwaloka serumula se tukang.


seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.


Lengeloi la Jehova la isa ntlha ya lere le letsohong la lona, la ama nama le dinkgwana tse se nang ditomoso; ha tswa mollo lefikeng, mme wa tjhesa nama le dinkgwana tse se nang ditosomo; lengeloi la Jehova la ntoo tloha ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos