Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:2
19 Referencias Cruzadas  

le matsibolo a bara ba rona le a dikgomo tsa rona, kamoo ho ngodilweng kateng molaong; le ho tlisa tlung ya Modimo wa rona, ho baprista ba etsang tshebeletso tlung ya Modimo wa rona, matsibolo a dikgomo tsa rona le a dinku tsa rona.


Ra re, re tla tlisa dilopotsiya tsa hlama ya rona, le dikabelo tsa rona tseo re di kgethileng, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, re di tlisetse baprista dikamoreng tsa ntlo ya Modimo wa rona, hammoho le karolo ya leshome ya tsa lefatshe, e leng ya Balevi; hobane bona Balevi ba nka karolo ya leshome ya tsona metseng yohle ya naha e lengwang ke rona.


Jehova o bua le Moshe, a re:


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


O tlo o tlise tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa tse bewang ke lefatshe la hao, tsa ho qala. O se ke wa apeha potsanyane ka lebese la mma yona.


O tle o re ho Faro: Ho thwe ke Jehova: Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo;


Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,


ha o bile wa hlaba bara ba hao, wa ba ntshetsa tsona hore ba tjheswe?


Feela, ha ho motho ya ka kgethelang Jehova letsibolo la kgomo, etswe le se le kgethetswe Jehova ka ho tswalwa ha lona: letsibolo la kgomo, leha e le la nku, ke la Jehova.


Letsibolo le leng le le leng la nama yohle, leo ba tla le abela Jehova, kapa e leng la batho, kapa e leng la diphoofolo, e tla ba la hao. Feela, o tla lopollisa letsibolo la motho, mme o lopolle letsibolo la phoofolo e sa hlwekang.


Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.


Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.


jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Morena, ho thwe: Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla bitswa mokgethwa wa Morena.


Matsibolo a matona wohle a tswallwang dikgomong le dinkung tsa hao, o a kgethele Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa sebetsa ka matsibolo a dikgomo tsa hao, mme o se ke wa kuta matsibolo a dinku tsa hao.


phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos