Eksoda 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona. Ver CapítuloBIBELE3 Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng. Ver Capítulo |
Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.
Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?