Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:2
50 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!


ba sebeletsa ditshwantsho tseo Jehova a neng a itse ho bona: Le se ke la di sebeletsa.


Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;


Yaba Jehova, Modimo wa hae, o mo neela matsohong a morena wa Siria; Basiria ba mo qhala, ba ya le batshwaruwa ba bangata, ba ba isa Damaseka. A neelwa le matsohong a morena wa Iseraele; eo a mo hlola ka polao e kgolo;


Mamela, setjhaba sa ka, mme ke tla bua; le wena Iseraele, mme ke tla o pakela, nna ke leng Modimo, Modimo wa hao.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta. Ahlamisa molomo wa hao, mme ke tla o tlatsa!


Empa setjhaba sa ka ha se a ka sa utlwa lentswe la ka, Iseraele ha a ka a mmamela.


Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


O tsamaisitse setjhaba seo o se lopolotseng ka mohau wa hao, o se isitse ka matla a hao kahong e halalelang ya hao.


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


Yaba Modimo o bolela mantswe ana kaofela, wa re:


ba tla tseba hoba ke Jehova, Modimo wa bona, ya ba ntshitseng lefatsheng la Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona: Ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re ka wona: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.


Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Nna ke ne ke entse selekane le bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, ka re:


Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Tsamayang ka dikomelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le etse ka yona;


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke neng ke emisetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo letsoho la ka, ke ipolelang ho bona naheng ya Egepeta, ke ba emisetsang letsoho la ka, ke reng, ke nna Jehova, Modimo wa lona,


mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke buile le baporofeta, e, nna, ke ekeditse ditshenolo, mme ka baporofeta ke boletse ditshwantsho.


Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.


Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.


Le be le sekala se lokileng, le boima bo lokileng, le efa e lokileng, le hine e lokileng. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


hore ditloholo tsa lona di tsebe hoba ke ahellisitse bana ba Iseraele metlotlwaneng, ha ke se ke ba ntshitse naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ho le fa naha ya Kanana, ke tle ke be Modimo wa lona.


Hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta; ho se ke ha rekwa ka bona jwalokaha ho rekwa ka makgoba.


Hobane Baiseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Le se ke la iketsetsa medimo ya lefeela; le se ke la ikemisetsa setshwantsho se betlilweng sa lehong, leha e le sa lejwe; le se ke la emisa ditshwantsho tse jwalo naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.


Hape, ke nna ke neng ke le ntshe lefatsheng la Egepeta, ka le tsamaisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le tle le rue naha ya Baamore;


Hobane moo ha ho kgethwe Mojuda le Mogerike, kahobane Morena wa bohle o mong, ya ruetseng ho sitsa bohle ba bitsang ho yena.


Na Modimo ke Modimo wa Bajuda ba nnotshi na? Na hase le wa baditjhaba na? E, ke wa baditjhaba le bona.


O mo tlapunye ka majwe, a shwe; kahobane a ratile ho o tlosa ho Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka.


O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.


Etlere ha o futuhela dira tsa hao, mme o bona dipere, le makoloi, le batho ba o fetisang ka bongata, o se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, o na le wena.


O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


Yaba lengeloi la Jehova le tloha Gilgale, la nyolohela Bokime, la re: Ke ne ke itse, ke tla le nyolla Egepeta, ke tle ke le tlise lefatsheng leo ke anneng hore ke tla le nea bontata lona; mme ke ne ke itse: Ha nka ke ka roba selekane sa ka seo ke se entseng le lona le ka mohla o le mong.


mme ka re ho lona: Ke nna Jehova, Modimo wa lona, le se ke la tshaba medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos