Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:2 - BIBELE

2 “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:2
50 Referencias Cruzadas  

Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!”


Hape ba kgumamela medingwana ya ditshwantsho eo Morena a ileng a bua ka yona, a re: “Le se ke la e kgumamela.”


Tsena di etsahetse kahobane setjhaba sa Iseraele se ne se ile sa sitelwa Morena Modimo wa sona, ya neng a ile a se ntsha naheng ya Egepeta, tlasa puso ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme sa sebeletsa medimo e meng.


Ka lebaka lena, Morena Modimo wa hae, a neelana ka Akase matsohong a kgosi ya Arame. Kgosi ena ya mo hlola, mme ya thopa letshwelehadi la setjhaba sa Juda, ya le isa Damaseka. Hape ha neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Iseraele, e ileng ya mo hlola, bahlabani ba hae ya ba etsa mofela.


“Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao.


Ho se be le modimo osele haeno, o se kgumamele modimo wa baditjhaba.


Ke nna Morena, Modimo wa hao, ya neng a o ntshe naheng ya Egepeta. Ahlama, ke tle ke o fepe.


“Ke tlositse mojaro mahetleng a hao, matsoho a hao a nyahladitse seroto;


“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


“Ka mohau wa hao wa tsamaisa setjhaba, setjhaba seo o se lopolotseng, ka matla a hao wa se isa diahelong, diahelong tsa hao tse halalelang.


Tshabo le thothomelo tsa ba wela hodimo, ka matla a tsoho la hao ba kgutsitse jwaloka majwe, ho fihlela tjhaba sa hao se feta, tjaba sa hao Morena, ho fihlela tjhaba seo se feta, seo o iphumanetseng sona.


mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


Yaba Modimo o bua mantswe ana wohle, o re:


Ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona. Ke nna Morena Modimo wa bona.”


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.


“Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ho ke keng ha hlola ho thwe: ‘Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.’


Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’


“Ka nako eo ke tla ba Modimo, Modimo wa merabe yohle, merabe ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka,” ho rialo Morena.


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ne ke etse selekane le bo-ntata lona moholo mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta, bokgobeng, ka re:


Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka.


o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.”


Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.”


Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”


Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna.


Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.


O be le sekala se nepahetseng sa ho metha boima, le bolelele, le ntho e mokedikedi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


hore ditloholo tsa lona di tle di tsebe hore ke ile ka phedisa bana ba Iseraele maphepheng, mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.’ ”


hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta, mme ba ke ke ba rekiswa jwalokaha ho rekiswa makgoba.


Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


“ ‘Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, e le hore le se ke la ba makgoba a bona. Ke fedisitse matla a neng a le hateletse, ka etsa hore le tsamaye ka bolokolohi.’ ”


Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore.


Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang.


Kapa Modimo ke wa Bajuda feela? Na hase le wa baditjhaba? E, baditjhaba le bona ke wa bona,


Le mo tlepetse ka majwe, a shwe, hobane o ne a batla ho o kgelosa ho Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno.


“Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.


Hopola hore le ne le le bahlanka naheng ya Egepeta. Morena Modimo wa lona, o ile a le ntsha moo ka matla, le ka letsoho la hae le otlolohileng. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa lona, o le laetse ho boloka letsatsi la Sabatha.


“ ‘Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Ke hobane Morena o a le rata, le hobane o rata ho boloka kano eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona, a le ntshitseng ka letsoho la hae le matla, a le lopolla bokgobeng ba Faro, kgosi ya Egepeta.


Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: ‘Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla.


Ka re ho lona: ‘Ke nna Morena Modimo wa lona; le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le ahileng naheng ya bona.’ Empa ha le a ka la mmamela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos