Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hopola letsatsi la phomolo ho le kgetha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:8
22 Referencias Cruzadas  

Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng.


Modimo wa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, mme wa le kgetha, hobane o phomotse ka lona mosebetsing wohle oo Modimo o o entseng ka ho o sebetsa.


Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona.


Wa ba tsebisa Sabatha ya hao e halalelang, mme wa ba beela ditaelo le ditemoso le molao ka Moshe, mohlanka wa hao.


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


Hape, Jehova a bolella Moshe a re:


Yaba Moshe o bokella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re ho bona: Ke tsena ditaba tseo Jehova a laetseng ho di etsa.


Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Ho itswe ke Jehova: Itebelleng meya ya lona, le se ke la jara diphahlo ka tsatsi la Sabatha, le se ke la di tsamaisa ka menyako ya Jerusalema.


Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.


Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,


hape, le halaletse Disabatha tsa ka, e be pontsho mahareng a ka le lona, mme ke moo le tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa lona.


E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Le boloke Disabatha tsa ka, mme le hlomphe nqalo e halalelang ya ka. Ke nna Jehova.


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.


Bolokang Disabatha tsa ka, mme le hlonephe sehalalelo sa ka. Ke nna Jehova.


Bana ba Iseraele ha ba sa ntsane ba le feelleng, ba tshwara monna a rwalla patsi ka tsatsi la Sabatha.


Boloka letsatsi la phomolo ho le kgetha, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos