O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.
Ka matsatsi a tsheletseng ho tla sebetswa, mme la bosupa e tla ba la Sabatha, la phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi ka tsatsi la Sabatha, a bolawe.
Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, mme letsatsi la bosupa ho lona e tla ba Sabatha ya phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi tsatsing leo, o tla bolawa.
Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.
Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.
Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.