Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:9 - BIBELE

9 O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mosebetsi wa hao kaofela,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme o etse mosebetsi wa hao kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:9
10 Referencias Cruzadas  

Le tla di bokella ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa, leo e leng la Sabatha, ha ho letho le tla ba teng.”


“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!


Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke la Sabatha, la ho phomola, mme le a halalela ho Morena. Bohle ba ka etsang mesebetsi ka letsatsi la Sabatha, ruri ba tla bolawa.


“O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa.


‘Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.


Malapeng wohle a lona le se ke la besa mollo ka letsatsi lena la Sabatha.’ ”


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Kgoro ya lebala le kahare e tadimileng botjhabela e kwalwe ka matsatsi a tsheletseng a mosebetsi, empa ka letsatsi la Sabatha e tla bulwa, e be e bulwe le mohla kgwedi e thwasitseng.


“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”


Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.”


O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mesebetsi ya hao kaofela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos