Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:10 - BIBELE

10 empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo, leha e le wena, leha e le mora wa hao, leha e le moradi wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo tsa hao, leha e le moeti wa hao ya ka menyakong ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:10
16 Referencias Cruzadas  

“Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.


Le tla di bokella ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa, leo e leng la Sabatha, ha ho letho le tla ba teng.”


“Wena o bue le bana ba Iseraele, o re: ‘Ruri le tla boloka Disabatha tsa ka, hobane ke sesupo pakeng tsa ka le lona, le meloko yohle ya lona, hore le tsebe hore ke nna Morena, mohalaletsi wa lona.


“O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa.


‘Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.


“ ‘Ha motho ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, kapa ofe le ofe wa baditjhaba, ya jakileng naheng ya Iseraele, ya ikarohanyang le nna, ya rapelang medingwana ya bohata ka pelong ya hae, a bea sekgopi sa sebe sa hae kapele ho sefahleho sa hae, mme a eya ho moporofeta ho ya mmotsa, ke nna Morena ka sebele ya tla mo araba.


“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”


Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos