Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 mme hobane a lebohe, a bo ngwatha, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka o robelwang lona; le etse hoo, le tle le nkgopole ka hona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Eitse hobane a lebohe, a se ngwatha, a re: Nkang, le je;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Eitse hobane a lebohe, a se ngwatha, a re: Nkang, le je;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:24
20 Referencias Cruzadas  

O etseditse mehlolo ya hae kgopotso.


Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.


Ba jang menono ya lefatshe ba tla tla, ba je, ba rapele; o tla kgumamelwa ke bohle ba theohelang leroleng, le ke ba sitwang ho iphedisa.


Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


Mahakwe a mabedi o tla a bea mahetleng a efoda, e be mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; Aarone o tla jara jwalo mabitso a bona pela Jehova mahetleng a hae a mabedi, ho etsa kgopotso. Dikoomana o tla etsa tsa kgauta;


Le ho ba hlokang kelello bo re: Tloong, le je bohobe ba ka, le nwe le veine eo ke e tswakileng.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Thabeng ena, Jehova wa makgotla o tla etsetsa ditjhaba kaofela mokete wa dijo tse hlabosang, mokete wa diveine tse monate tse nkilweng hodima ditshifa, mokete wa dijo tse hlabosang, tsa moko, wa diveine tse nkilweng hodima ditshifa, tse hlwekileng.


Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.


Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng, moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.


Hobane nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, ke hoba Morena Jesu, ka bosiu boo a ekilweng ka bona, o ne a nke bohobe;


Ka mokgwa o jwalo, a nka senwelo, hobane ho lallwe, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka; etsang hoo, kamehla yohle ha le enwa, le tle le nkgopole ka hona.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos