Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 34:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:18
15 Referencias Cruzadas  

Kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho lona, e be yona eo le qalang dikgwedi tsa ngwaha ka yona.


Bosiu boo ke bosiu bo kgethelwang Jehova, ka hoba a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta ka bona; ke bona bosiu bo kgethelwang Jehova, bo tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele kaofela melokong ya bona.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Le tswile ka tsatsi lena, ka kgwedi ya Abibe.


O nketsetse mokete hararo ka selemo.


O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo, e tla ba mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o etsetswang Jehova; le tla ja mahobe a se nang ditomoso ka matsatsi a supileng.


Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova.


Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, mokete o tla ba teng. Ka matsatsi a supileng ho tla jewa mahobe a se nang ditomoso.


Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o bitswang Paseka, o ne o atametse.


Yare ha a bona hobane hoo ho kgahlile Bajuda, a eketsa a tshwara le yena Petrose. E ne e le ka matsatsi a mahobe a se nang ditomoso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos