Daniele 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya. BIBELE Yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ha ke robetse diphateng tsa ka ke ne ke tshwenngwa haholo ke menahano ya ka le ke dipono tseo ke neng ke di bona. |
Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.
Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.
Ka ba ka bona diponong tsa hlooho ya ka, ke sa le ditaong tsa ka, ka bona e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong.
Leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le ka a koporo, hara jwang ba naha, mme e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo!
Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.
Taba tseo tsa morena le tsa mahosana a hae ha di sa dutse jwalo, mofumahadi a kena tlung ya mokete; mofumahadi a bua, a re: Morena, phela ka ho sa feleng! Mehopolo ya hao e se ke ya ferekana, sefahleho sa hao se se ke sa fetoha!
Motho o teng mmusong wa hao eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; mehleng ya ntatao ho ne ho fumanwe ho yena lesedi, kelello le bohlale bo kang bohlale ba medimo; mme ntatao, morena Nebukadnesare, ntatao, morena, o ne a mmeile hlooho ya dinohe, le ya baupelli, le ya Bakalde, le ya balepi ba dinaledi,
Ka selemo se qalang puso ya Belshatsare, morena wa Babilona, Daniele a bona toro a le ditaong tsa hae, mme a ba le dipono moyeng wa hae; a ngola toro eo, a bolela dihlooho tsa yona.
Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.