Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.
Jwale ba lora toro ba babedi, mong ka mong toro ya hae, ka bosiu bo le bong, mong ka mong ka hlalosetso ya toro ya hae, moqhatsetsi le maopehedi, wa morena wa Egepeta, ba neng ba holehilwe ka tlung ya teronko.
Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.
Ekare ha ba sa kgolwe le ke dipontsho tsena tse pedi, mme ba sa utlwe lentswe la hao, o tla nka metsi a noka, o a tshollele fatshe, mme metsi ao o a kgileng nokeng a tla fetoha madi hodima lefatshe.
Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.
Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.
Hobane naha eo o yang ho kena ho yona ho e rua, hase naha e tshwanang le ya Egepeta, eo le tswileng ho yona, moo o neng o jala peo ya hao, le moo o neng o nosetsa masimo a hao ka maoto a hao, jwalokaha ho nosetswa tshimo ya meroho.