23 Empa molaodi wa baqhatsetsi ha a ka a hopola Josefa, a mpa a mo lebala.
23 Moqhatsetsi e moholo a se ke a hlola a hopola Josefa, a mo lebala.
Yare dilemo tse pedi ha di fetile, Faro a lora a eme pela noka.
Yaba molaodi wa baqhatsetsi o bua le Faro, a re: Melato ya ka ke e eleditswe kajeno.
Morena a re: Hlompho le kganya ke dife tseo Mordekai a di etseditsweng bakeng seo? Bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Ha a ka a etsetswa letho.
Baheso ba itulela thoko, bao e neng e le metswalle ya ka ba ntebetse.
ho fihlela mohla taba tseo a neng a di boletse di hlahang, mme lentswe la Jehova la mo leka.
ho batho ke lebalehile jwaloka mofu ya seng a le siyo mehopolong, ke jwaloka moeta o lahlwang;
hobane ke utlwa ditshebo tse wewetswang ke bongata; tshoho e ntlela kahohle, ha ba botsana hammoho bakeng sa ka, ba rera ho tlosa bophelo ba ka.
Ba nwa veine mehopeng e kgethehileng, ba tlola ole tsa bohlokwa, mme ha ba utlwiswe bohloko ke leqeba la Josefa.