3 Morena a re ho bona: Ke lorile, mme moya wa ka o tjhobela ho tseba toro eo.
3 Kgosi ya re ho bona: “Ke lorile toro, mme moya wa ka o hlorela ho tseba seo e se bolelang.”
Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.
Faro a re ho Josefa: Ke lorile toro, mme ha ho ya e phuthollang, mme ke utlwile ba o bolela hore, ha o utlwile toro, o a e phutholla.
Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.
Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.
ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.