Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yaba kgosi e laela hore e bitsetswe dinohe, le balepi ba dinaledi, le baloi, le Bakalatiya, hore ba tlo e hlalosetsa toro eo e e lorileng. Ba fela ba tla, ba fihla ba ema kapele ho kgosi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:2
16 Referencias Cruzadas  

Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.


Yaba morena o bua le babohlale ba tsebang dinako, — hobane taba efe le efe ya morena e ne e buwa jwalo pela bohle ba tsebang ditaelo le ditokelo;


Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?


Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome.


e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.


Bakalde ba araba morena, ba re: Ha ho motho lefatsheng ya ka tsebang ho hlahisa se kopuwang ke morena, le hona ha ho morena leha e le e moholo, ya matla, ya kileng a batla ntho e jwalo ho mo bohlale, leha e le ho senohe, kapa ho Mokalde le ka mohla o le mong.


Daniele a araba pela morena, a re: Sephiri seo morena a kopang kwahollo ya sona, ha ho motho hara babohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho dinohe, kapa ho balepi ba dinaledi, ya ka tsebang ho se senolela morena.


Ka nako yona eo, Bakalde ba bang ba atamela, ba qosa Bajuda;


Dipontsho tsa wona di kakang! le mehlolo ya wona e matla hakakang! Borena ba wona ke borena bo sa feleng, ho nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng.


Ka ba ka laela hore ho tliswe babohlale bohle ba Babilona pela ka, ba tle ba nkwahollele toro eo.


Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.


ha Bafilesta ba mema baprista le dinohe, ba re: Re tla etsang ka areka ya Jehova na? Re tsebiseng kamoo re ka e kgutlisetsang kateng ha habo yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos