Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo se qalang puso ya Belshatsare, morena wa Babilona, Daniele a bona toro a le ditaong tsa hae, mme a ba le dipono moyeng wa hae; a ngola toro eo, a bolela dihlooho tsa yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka selemo sa pele sa puso ya Beleshasare, kgosi ya Babilona, Daniele o ile a lora toro, mme a bona dipono ka kelellong ya hae, ha a ntse a robetse diphateng tsa hae. Yaba o ngola toro ena, o pheta ditaba tsa yona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:1
34 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Modimo wa bua le Iseraele ka dipono tsa bosiu, wa re: Jakobo! Jakobo! A re: Ke nna enwa.


Yare nahanong ya ditaba le diponong tsa bosiu, ka nako eo boroko bo kgalang batho,


Eya jwale, taba tseo o di ngole hodima lematjana pela bona, o di ngole bukeng, di tle di bolokelwe mehla e tlang ho tla, e be pontsho ka ho sa yeng kae.


Jehova a re ho nna: Nka lematjana le sephara, o ngole teng ka diletere tse bonahalang, o re: Ho phakiswe ho hapjwe, ho kgorolwe hang.


Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.


Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


A ntlisa naheng ya Iseraele ka dipono tsa mohlolo tsa Modimo, a mpea thabeng e telele haholo, eo hodima yona ho nang ho le ntho e kang moaho wa motse, ka nqa borwa.


Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.


Morena a bua, a re ho Daniele ya neng a reilwe lebitso la Beltsatsare: Na o ka tseba ho mpolella toro eo ke e lorileng le kwahollo ya yona na?


Ka ba ka bona diponong tsa hlooho ya ka, ke sa le ditaong tsa ka, ka bona e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong.


ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.


Morena Belshatsare o ne a etsetse mahosana a hae a sekete mokete o moholo, mme a nwa veine pela batho bao ba sekete.


Empa wena, mora wa hae, Belshatsare, ha o a ka wa kokobetsa pelo ya hao, leha o tsebile taba tseo kaofela;


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;


Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.


Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.


Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Belshatsare, ka hlahelwa ke pono, ke le Daniele, kamora e ntlhahetseng pele.


Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Ebile Jehova o nkarabella ka ho re: Ngola tshenolo, e betle mamatjaneng, hore ya balang a e bale habonolo;


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.


Ke tshwanetse ho ithorisa; empa ha ho nthuse letho. Leha ho le jwalo, ke tla fihlisa mehlolong le ditshenolong tsa Morena.


Jwale, ngola ditaba tseo o di boneng, le tse leng jwale, le tse tlang ho tla kamora tsena,


Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatse mantswe a tsona, ka re, ke a ngola; yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Kwahela tse boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos