Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.” Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao!

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:19
27 Referencias Cruzadas  

Yaba Ragele o re ho ntatae: Morena wa me a se ke a halefa, ha ke sitwa ho ema pela hao, hobane ke na le seo basadi ba nang le sona. A batla diterafime, a se ke a di bona.


o tle o re: Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo, ke nyehelo e iswang ho Esau, morena wa ka, mme le yena ke enwa ya tlang kamora rona.


Yaba Josefa o re ho yena: Phuthollo ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo;


Obadia ha a le tseleng, a bona Elia a mo kgahlanyeditse; a mo tseba, a inama ka sefahleho, a re: A ke wena Elia, monga ka, na?


Jwale, hoja o ka ba tshwarela tshito ya bona! Ha ho se jwalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngodileng.


Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya wona le tla ba le kgotso le lona.


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Morena a bua, a re ho Daniele ya neng a reilwe lebitso la Beltsatsare: Na o ka tseba ho mpolella toro eo ke e lorileng le kwahollo ya yona na?


Morena, ke wena morena wa marena, ya neilweng mmuso, borena, matla le kganya ke Modimo wa lehodimo;


kwahollo ya teng ke yona ena, morena, mme ke yona tsuo ya Mookamedi ya phahameng e fihlileng hodima morena, monga ka:


hobane moya o phahamileng, le tsebo, le kutlwisiso ya kwahollo ya ditoro, le qaqisetso ya dilotho, le hlalosetso ya dipotso tse thata, di nnile tsa fumanwa ho yena, e leng Daniele, eo morena a neng a fetole lebitso la hae ka la Beltsatsare; ha ho le jwalo, Daniele a ke a latwe, mme o tla o nea kwahollo.


Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;


ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.


Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.


Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.


Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.


Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.


Empa Anna a fetola, a re: Tjhe, monga ka, ke mosadi ya pelo e bohloko; ha ke a ka ka nwa veine, leha e le seno se bodila, ke mpa ke ntse ke tsholla moya wa ka pela Jehova.


Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.


Davida a re ho Abnere: Na ha o monna na? Ke mang ya kang wena Iseraeleng? Ha o lebele morena, monga hao, keng, haele moo e mong wa setjhaba a kile a tla ho timetsa morena, monga hao?


Eli a re: Taba ke efe eo a o boleletseng yona? O se ke wa mpatela. Modimo o o etse ka hore le ka hore, ha o ka mpatela taba e nngwe ya tsohle tseo o o boleletseng tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos