Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Motho o teng mmusong wa hao eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; mehleng ya ntatao ho ne ho fumanwe ho yena lesedi, kelello le bohlale bo kang bohlale ba medimo; mme ntatao, morena Nebukadnesare, ntatao, morena, o ne a mmeile hlooho ya dinohe, le ya baupelli, le ya Bakalde, le ya balepi ba dinaledi,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:11
19 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?


Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


bona, o hlalefile ho feta Daniele, ha ho lekunutu le patehileng ho wena;


ka bohlale ba hao le ka kelello ya hao, o ithuetse matlotlo, o bokeletse kgauta le silefera dipolokelong tsa hao;


e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.


Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.


O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.


Nna, morena Nebukadnesare, ke lorile toro eo, mme wena Beltsatsare, o nnee kwahollo ya yona, etswe ba bohlale kaofela ba mmuso wa ka ba sitwa ho ntsebisa yona; empa wena, o ka tseba, hobane o na le moya wa medimo e halalelang.


ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.


Ka ba ka laela hore ho tliswe babohlale bohle ba Babilona pela ka, ba tle ba nkwahollele toro eo.


Ke utlwile ha ho bolelwa, ho thwe, moya wa Modimo o ho wena, le hoba ho fumanwa ho wena lesedi, le kutlwisiso, le bohlale bo phahamileng.


Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.


setjhaba sa howa, sa re: Lentswe leo ke la Modimo, e seng la motho.


Yare ha bongata bo bona se entsweng ke Pauluse, ba qala ho howa ka puo ya Selikaonia, ba re: Medimo e nkile sebopeho sa batho, e theohetse ho rona.


Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos