Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka ba ka laela hore ho tliswe babohlale bohle ba Babilona pela ka, ba tle ba nkwahollele toro eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ka baka leo, ka etsa taelo e reng ke bitsetswe bahlalefi bohle ba Babilona hore ba tlo ntlhalosetsa toro ena.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:6
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.


Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?


Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.


Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


Leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le ka a koporo, hara jwang ba naha, mme e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo!


Motho o teng mmusong wa hao eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; mehleng ya ntatao ho ne ho fumanwe ho yena lesedi, kelello le bohlale bo kang bohlale ba medimo; mme ntatao, morena Nebukadnesare, ntatao, morena, o ne a mmeile hlooho ya dinohe, le ya baupelli, le ya Bakalde, le ya balepi ba dinaledi,


Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos