Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ha ke robetse diphateng tsa ka ke ne ke tshwenngwa haholo ke menahano ya ka le ke dipono tseo ke neng ke di bona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:5
15 Referencias Cruzadas  

Yare dilemo tse pedi ha di fetile, Faro a lora a eme pela noka.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.


Morena a re ho bona: Ke lorile, mme moya wa ka o tjhobela ho tseba toro eo.


Jwale, dipono tse itlhahisitseng moyeng wa ka, ha ke robetse, ke tsena:


Ka ba ka bona diponong tsa hlooho ya ka, ke sa le ditaong tsa ka, ka bona e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong.


Leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le ka a koporo, hara jwang ba naha, mme e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo!


Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.


Taba tseo tsa morena le tsa mahosana a hae ha di sa dutse jwalo, mofumahadi a kena tlung ya mokete; mofumahadi a bua, a re: Morena, phela ka ho sa feleng! Mehopolo ya hao e se ke ya ferekana, sefahleho sa hao se se ke sa fetoha!


Motho o teng mmusong wa hao eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; mehleng ya ntatao ho ne ho fumanwe ho yena lesedi, kelello le bohlale bo kang bohlale ba medimo; mme ntatao, morena Nebukadnesare, ntatao, morena, o ne a mmeile hlooho ya dinohe, le ya baupelli, le ya Bakalde, le ya balepi ba dinaledi,


Ka selemo se qalang puso ya Belshatsare, morena wa Babilona, Daniele a bona toro a le ditaong tsa hae, mme a ba le dipono moyeng wa hae; a ngola toro eo, a bolela dihlooho tsa yona.


Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos