Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 7:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 “Dipolelo tsena di fella mona. Ha e le nna Daniele, ke ile ka tshwenngwa haholo ke menahano ya ka, ka pudufallwa, empa tsena ya eba sephiri sa ka.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:28
19 Referencias Cruzadas  

A bolella ntatae le banababo; yaba ntatae o a mo kgalemela, a re ho yena: Keng toro eo o e lorileng? Hleka ruri nna, le mmao, le banabeno, re tla tla, re inamele fatshe pela hao na?


Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.


Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.


Ka sala ke nnotshi, ka bona pono eo e kgolo, ka ba ka fellwa ke matla, mme sefahleho sa ka sa hlwenya, ka omella.


Haele marena ao a mabedi, ha a ka ke a hopola letho pelong tsa wona haese ho senyetsana; tafoleng e le nngwe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiya, etswe bofelo bo beetswe nako esele.


Empa wena, o ikele bofelong ba hao, hobane o tla phomola, mme o tla tsohela lefa la hao qetellong ya matsatsi.


A re ho nna: Eya, Daniele, hobane ditaba tseo di tla sala di kwahetswe, di tiisitswe ho isa nakong ya bofelo.


Pelo ya hae e se hlole e eba ya motho, a fuwe pelo ya phoofolo, mme ngwaha o fete hodima hae hasupa.


Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.


Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.


Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.


Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Belshatsare, ka hlahelwa ke pono, ke le Daniele, kamora e ntlhahetseng pele.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Yaba o re ho nna: Bona, ke tla o bontsha se tla etsahala qetellong ya kgalefo, hobane bofello bo tla etsahala ka nako e beilweng.


Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.


Yare ha bongata bohle bo mmona, ba tshoha, mme ba mo mathela ho mo dumedisa.


Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae.


Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.


Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios