Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 1:7
13 Referencias Cruzadas  

Faro a rea Josefa lebitso la Tsafnathe-Paeneake (mophutholli wa tse patilweng), mme a mo nea mosadi, Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One. Yaba Josefa o ya hlahloba lefatshe la Egepeta.


Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.


Morena wa Babilona a bea Matthania, ngwanabo ntata Jojakine, tulong tsa hae, a mo fetola lebitso, a mo rea la Tsedekia.


Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena.


Morena a laela Ashpenase, hlooho ya matona, hore a tlise ba bang ba bana ba Iseraele, ba leloko la borena le la mahosana;


Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono.


Morena a bua, a re ho Daniele ya neng a reilwe lebitso la Beltsatsare: Na o ka tseba ho mpolella toro eo ke e lorileng le kwahollo ya yona na?


Daniele a kopa ho morena, mme a bea Shadrake le Meshake le Abede-Nego, ba tle ba sebetse tsa naha ya Babilona; ha e le Daniele, a ba monyakong wa morena.


ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.


Ho feleng, ha hlaha Daniele pela ka, ya reilweng Beltsatsare, e leng lebitso la modimo wa ka, eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; ka mmolella toro, ka re:


hobane moya o phahamileng, le tsebo, le kutlwisiso ya kwahollo ya ditoro, le qaqisetso ya dilotho, le hlalosetso ya dipotso tse thata, di nnile tsa fumanwa ho yena, e leng Daniele, eo morena a neng a fetole lebitso la hae ka la Beltsatsare; ha ho le jwalo, Daniele a ke a latwe, mme o tla o nea kwahollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos