Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!
BaHebheru 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo. BIBELE Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng. Baasraak Sotho NT Ke mang ya ka hauhelang ba sa tsebeng le ho ba kgelohileng; hobane le yena o potapotilwe ke mefokolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke mang ya ka hauhelang ba sa tsebeng le ho ba kgelohileng; hobane le yena o potapotilwe ke mefokolo. |
Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!
Bao meya ya bona e neng e kgeloha, ba tla ithuta bohlale; ba neng ba nganga, ba tla amohela thuto.
Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!
empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.
Le a tseba hoba, mohla ke qalang ho le bolella Evangeli, e ne e le ka baka la phokolo ya nama.
bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.
nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.
mme le etsetse maoto a lona ditsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.
Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.
Hobane erekaha a utlwile bohloko mohla a lekwang, ke kahoo a tsebang ho thusa ba lekwang.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.
Molao o fela o nka batho ba fokolang ho ba etsa baprista ba baholo; empa haele polelo ya kano e entsweng kamorao ho molao, e mmea Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.
empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.
Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.
Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.