Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le monyefodi pele;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le monyefodi pele;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 1:13
25 Referencias Cruzadas  

Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.


Empa ha nama e petohileng e sweufala, o tla itlhahisa ho moprista;


Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.


Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.


Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.


Ka ba ka hlorisa le thuto eo ho isa ho bolayeng, ka tlama banna le basadi, ka ba kenya teronkong,


Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona.


Empa Saule o ne a ntse a hlorisa kereke, a kena ka matlung, a hulela banna le basadi kantle, a ba kenya teronkong.


Empa Saule o ne a sa ntse a befetswe ho sokela le ho bolaya barutuwa ba Morena; a ya ho moprista e moholo,


Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;


A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang; ho thata ho wena ho raha ditsenene.


hobane ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke a lokela ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.


Le fela le utlwile metsamao ya ka ya pele, ha ke ne ke sa le Bojudeng, kamoo ke neng ke hlorisa kateng, ka bohale bosele, kereke ya Modimo, mme ke ne ke e ripitla.


Haele ka tjheseho ke nna ya hlorisitseng kereke; haele ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuwa.


Empa ke rekolohetswe, hore Jesu Kreste a bonahatse ka nna, ke leng wa pele, mohau wohle wa hae, ho tle ho etswe mehlala ka nna ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, hore ba be le bophelo bo sa feleng.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


lona bao le neng le se setjhaba pele, empa jwale le setjhaba sa Modimo; lona bao le neng le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos